Privacy Settings

To provide you with the best possible experience, we use cookies and similar technologies. Some cookies are necessary to make our website work and cannot be refused. You can accept or decline the use of additional cookies, which we use only to improve your experience. None of this data will ever be sold or used for marketing. To learn more, read the Global Policy on Use of Cookies and Similar Technologies. You can customize your settings at any time by going to Privacy Settings.

Ditshwantsho: 1. Leebanakgorwana. 2. Leeba.

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Ke hobaneng ha ho ne ho le molemo hore Baiseraele ba nyehele ka maebanakgorwana le maeba?

TLASA Molao oo Modimo a o fileng Moshe, Jehova o ne a dumella Baiseraele hore ba fane ka maebanakgorwana le maeba e le dinyehelo. Melao e neng e bua ka dinyehelo e ne e dula e bua ka dinonyana tsena tse pedi mme ho ne ho ka sebediswa e nngwe bakeng sa e nngwe. (Lev. 1:​14; 12:⁠8; 14:​30) Ke hobaneng ha tokisetso ena e ne e le molemo? Lebaka le leng ke hobane maebanakgorwana a ne a sa dule a fumaneha ha bonolo. Hobaneng?

Leebanakgorwana

Maebanakgorwana a fumaneha naheng ya Iseraele ka dikgwedi tseo ho futhumetseng ka tsona. Selemo se seng le se seng ka kgwedi ya October, a fallela dinaheng tse futhumetseng tse ka borwa mme a kgutlela Iseraele ka nako ya selemo. (Sefela 2:​11, 12; Jer. 8:⁠7) Sena se bontsha hore ho ne ho le thata hore Baiseraele ba mehleng ya kgale ba fane ka maebanakgorwana e le sehlabelo nakong ya mariha.

Leeba

Ka lehlakoreng le leng, maeba ona ha a falle mme a dula a le teng Iseraele selemo kaofela. Hape maeba e ne e le dinonyana tse ruuwang. (Bapisa le Johanne 2:​14, 16.) Ho ya ka buka ya Bible Plants and Animals, “batho bohle ba dulang mahaeng le ditoropong naheng ya Palestine ba ne ba ruile maeba. Mongantlo e mong le e mong o ne a ena le sehlaha kapa lesoba leboteng moo dinonyana di neng di ka dula teng.”​—⁠Bapisa le Esaia 60:⁠8.

Leeba le ka hara sehlaha

Sena se ne se bontsha hore Jehova o lerato ebile o a nahanela hobane o ile a dumella Baiseraele hore ba fane ka dinonyana tseo ba neng ba ka kgona ho ba le tsona selemo kaofela.